LEFAPHA LA DITABA TSA TIKOLOHO LE BOHAHLAUDI
LENANE LA TSE KA HARE
KAROLO YA 1. HO UTLWISISA CBNRM??????????????1
Dintlha tsa bohlokwa tsa CBNRM ??????????????????..1
Ditsela tse ding tseo CBNRM e ka kengwang tshebetsong ka tsona?????3
TSHEBEDISANO MMOHO LE BANKA KAROLO??????????.4
Tshebedisano mmoho???????????????????????...4
Banka karolo ba sehlooho????????????..????????...5
KAROLO YA 2 DITATAISO????????????????????8
Mabaka ao ka ona ho etswang ditataiso tsena?????????????..8
TSEPAMISO YA MAIKUTLO LE SEPHEO SA DITATAISO ??????.9
DITATAISO DI KA SEBEDISWA JWANG, NENG? ??????????.10
METHEO YA MORALO ??????.???????????????..11
DITATAISO, HO KENYA METHEO TSHEBETSONG?????????..13
Lethathama le phatlaletseng le bileng le ka feto-fetolwa ka ho ikgethela la mekgwa ya tshebetso, le dula le le tshebetsong?????????????13
Bokgoni ba tlhahiso ba mehlodi bo a baballwa esitana le ho ntlafatswa???14
Mekgatlo ya puso ya selehae le ditaba tsa mobu, mmoho le taolo ya mehlodi e tshebetsong mme e hlwahlwa. ???????????????????? 15
Melemo ya moruo le e meng, bakeng sa ho fana ka dithuso molemong wa ho sebedisa mehlodi ka tlhokomelo, le yona e teng?????????????..17
Ho na le dipholisi le melao e hlwahlwa e kentsweng tshebetsong mme taolo e behilwe maemong a tlase-tlase moo bokgoni le disebediswa di leng ?????18
Ho na le tsamaiso le tlhophiso ya mosebetsi e hlwahlwa e bile e ena le boikarabelo, ho tswa ka ntle ho mokgatlo?...??????????????20
METHEO E LESHOME LE METSO E MEBEDI YA TSHEBETSO BAKENG SA SETJHABA ?????????????????????????...24
METHEO E LESHOME LE METSO E MEBEDI YA TSHEBETSO BAKENG SA BASEBETSI..??????????????????????.???.26
METHEO E LESHOME LE METSO E MERARO YA TSHEBETSO BAKENG SA BA ETSANG MELAO?????????????????.28
MEHLODI YA THUSO LE DINGOLWA TSE DING TSE KA BALWANG?30
KAROLO YA 1. HO UTLWISISA CBNRM
CBNRM e leng Taolo ya Mehlodi ya Tlhaho e Theilweng Setjhabeng, e shebane le tshebedisano mmoho pakeng tsa batho, mekgatlo ya bona, boiphediso esitana le mehlodi ya tlhaho.
CBNRM e kgothaletsa tshebediso e hlokolosi ya mehlodi ya tlhaho sepheo e le ho ntlafatsa mekgwa ya batho ya boiphediso. Ke mokgwa wa tshebetso o shebaneng le mahlakore a fapaneng a taolo le paballo ya mehlodi ya tlhaho. Ke mokgwa wa tshebetso e batsi ntshetsopeleng ya dibaka tsa mahaeng, o akaretsang mesebetsi e mengata e fapaneng eo ho yona setjhaba se nkang karolo taolong ya mehlodi mmoho le polokeho ya yona.
Taolo ya mehlodi ya tlhaho e theilweng setjhabeng (CBNRM) ke tsela ya ntshetsopele e kgothaletsang tshebediso ya mehlodi ya tlhaho ka tsela e hlokolosi. E phahamisa maemo a ntshetsopele ya dibaka tsa mahae, haholo dibaka tse kopanetsweng ke setjhaba, moo baahi bohle ba nkang karolo. Sepheo sa yona ke ho hlahisa lethathama la melemo makaleng a kahisano, moruo, mekgatlo esitana le dikamano pakeng tsa diphedi le tikoloho eo di phelang ho yona. E baballa mehlodi ya tlhaho ka ho matlafatsa setjhaba hore se kgone ho laola mehlodi ya sona.
DINTLHA TSA BOHLOKWA TSA CBNRM
Ho phahamisa maemo a boiphediso le boleng ba maphelo a baahi esitana le ho thusa phokotsong ya bofuma dibakeng tsa mahae.
Ho sebedisa mehlodi ya tlhaho le disebediswa tsa disebediswa tsa mekgwa ya kamano ya diphedi ka hloko le paballo.
Ho matlafatsa setjhaba sa mahaeng hore se kgone ho inkela diqeto mabapi le tshebediso ya mehlodi ya tlhaho.
E itshetlehile haholo ho nkeng karolo ha baahi taolong ya mehlodi ya tlhaho mmoho le thuong ya mehlodi eo ke sona setjhaba seo.
E fana ka melemo ho tswa mehloding ya tlhaho sepheo e le ho kgothaletsa batho ho laola le ho tsamaisa mehlodi eo ka hloko.
E lebisa ho kengweng tshebetsong ha melao ya boitshwaro mabapi le taolo ya mehlodi ya tlhaho boemong ba selehae.
E tshehetswa ke tshebedisano mmoho pakeng tsa baahi, mmuso, ba-nka karolo ba ka ntle, batsamaisi ba mosebetsi mme ka nako tse ding le ba fanang ka dinyehelo.
Hore o ananelwe e le CBNRM?, mokgwa wa tshebediso ya mehlodi tlameha ho itshetleha hodima maikemisetso a ho kgotsofatsa dipehelo tse latelang:
O tlameha ho ba wa tshebediso ya setjhaba ka kopanelo, eseng wa batho ba itseng feela.
O tlameha ho ba le bokgoni ba ho tswella le mathata ho ya ka mokgwa wa paballo ya diphedi le ho fapafapana ha tsona, bokgoni ba ho tswella moruong, boqhetseke le matla a ho atleha mmoho le katleho kamanong ya kahisano le dipolotiki.
Melemo e unwang tshebedisong ya mohlodi e tlameha ho ajwa ka teka-tekano setjhabeng.
Ditheo tse laolang mokgwa wa tshebediso ya mohlodi di tlameha hore di batle di ikamahanya le demokerasi? (Bell 1999)
Le hoja CBNRM e le bohlokwa mme e bile e ena le bokgoni ba ho atleha maemong a mangata, ho ntse ho ena le maemo ao ho ona ho hlakileng hore katleho ya yona e a fokola, le moo e ke keng ya eba yona tharollo ya mathata. Maemo ana hangata a bakwa ke tse ding kappa tsohle tsa dintlha tse latelang:
Mohlodi ka bo ona o haella haholo mme o bile o tshabana le ho tshwengwa ka tsela efe kapa efe, kapa hona ho sebedisetswa ho una molemo ho tswa ho ona.
Setjhaba se qaqolohane, ha se a tsitsa kapa se aparetswe ke merusu.
Setjhaba ha se na ditokelo tsa ho sebedisa mohlodi oo ho latela mokgwa wa phetisetso ya mafa ho tloha lotlobong ho ya ho le leng, ho latela nalane ya sona.
Ha ho kgoneho e ka tiiswang ya hore setjhaba se tla hle se fole molemo o moholo.
Mona Afrika Borwa ?Setjhaba? ho CBNRM se bolela ka ho ikgetha:
Dihlopha tsa batho, ha ngata ba nang le ditabatabelo tse tshwanang.
Ba iphedisang ka kotloloho ka mehlodi ya tlhaho, ke hore mehlodi ya tlhaho ke karolo ya bohlokwa haholo ya thepa ya bona ya boiphediso.
Ba ikarabellang taolong ya tsa mobu le mehlodi ya bona ya tlhaho ka kopanelo mme ba theha mekgatlo ho tshehetsa tsamaiso ya mehlodi ena.
Ho a hlaka hore mohopolo wa ?setjhaba?o bolela ?setjhaba se nang le maikemisetso? Dihlopha tse nang le maikemisetso a tshwanang se bileng se ka nako e nngwe se sa dule sebakeng se le seng?, empa e le setjhaba se ka kakaretso se ?tikolohong e itseng? se phelang tulong e le nngwe.
Le hoja CBNRM hantle-ntle e tshwanela ho akaretsa le ho tswela bohle molemo setjhabeng ka kakaretso se iphedisang ka ho sebedisa mehlodi ya tlhaho, nnete ke hore ha ngata palo e nyane ya batho e bontsha thahasello le taba-tabelo ya ho nka karolo taolong ya mehlodi ya tlhaho. Ho atisa ho etsahala hore ha mosebetsi o tswella mme o qala ho beha ditholwana, batho ba bangata ba ba le thahasello ya ho nka karolo le bona.
MEKGWA YA ITSENG EO CBNRM E KA KENNGWANG TSHEBETSONG KA YONA.
Mehlala ya mekgwa e fapaneng ke ena:
Diprojeke tse tshehetsang setjhaba sa mahaeng hore se ho iphumanela mekgwa e meng ya boiphediso e jwalo ka temothuo e ntlafetseng kappa ntshetsopele ya dikgwebo tse nyane, sepheo e le ho fokotsa kapa ho fedisa tlwaelo ya setjhaba ya ho itshetleha mehloding e itseng feela ya tlhaho (mobu wa temo, meru jwalo-jwalo)
Mesebetsi e matlafatsang setjhaba hore se kenye tshebetsong mekgwa le ditlwaelo tsa tshebediso e tletseng paballo ya mehlodi jwalo ka ho kenya tshebetsong mokgwa wa kabo ya diabo bakeng sa kotulo ya mehlodi e ikgethang ya tlhaho ( hlapi, ditholwana, jwalo-jwalo)
Thuso kapa tshehetso bakeng sa ho tjhorisa bokgoni le tsebo ya setjhaba bakeng sa tshebediso ya mehlodi ya tlhaho e sa rerelwang ho rekwa le ho sebediswa ( ka tshebediso ya dikgwebo tsa bohahlaodi jwalo-jwalo)
Ditumellano tsa ho tsamaisa mosebetsi ka kopanelo ditumellano tsa tsamaiso ya thepa e pakilweng ka makgethe, esitana le ditumellano tsa phetisetso ya mobu moo setjhaba se kgonang ho ba ba-nka karolo paballong ya ka morao ho hore ba tseke ho kgutlisetswa,
Lefatsheng leo ba tlositsweng ho lona ka sheshe nakong e fetileng
Di ntshetse pele matlafatso ya tsamaiso le taolo ya bokgoni ba setjhaba ba ho tsamaisa le ho laola mehlodi ya sona ka mokgwa o tswetseng pele.
Le hoja ditataiso tsena di reretswe ho sebediswa Afrika Borwa, CBNRM ke karolo ya mokgwa o holing Afrika yohle e ka Borwa le ho feta. Dinaha tse ngata tsa bo-ahisane di nale mananeo a tsona a kopanyang tshireletseho ya mehlodi ya tlhaho le taolo ya yona, le melemo e unwang ke setjhaba sa mahaeng. Mananeo ana a boetse a leka ho kopanya mekgwa e tlwaelehileng ya mehlodi ya tlhaho hore ebe mekgwa ya tshebetso le ditheo tse hlophisitsweng ka tshwanelo, ho latela melao e itseng. Mehlala ke:
Mananeo a tsamaiswang ka kopanelo bakeng sa taolo ya poloko le paballo ya diphoofolo tse hlaha, e leng lenaneo la tsamaiso ya Mehlodi ya Tlhaho naheng ya Botswana le kae-kae.
Tlasa ditumellano tsena le tse ding, mmuso wa Afrika Borwa o tlamehile ho tshireletsa tlhaho ka ho fapafapana ha yona ka kakakaretso mmoho le diphoofolo le dimela tsa mefutafuta tse nkuwang ele tse kotsing ya ho ka timela, ke mekgatlo ya matjhaba e sebeletsang polokeho ya tsona. Hodima ditlhoko tse behilweng bakeng sa tlhokomelo ya mefutafuta ya mehlodi ya tlhaho e nonneng ya karolo ena ya kontinente, ho na le kananelo e ntseng e hola ya boleng ba mehlodi ena ya tlhaho bathong bohle ba Afrika Borwa. Hona ha ho a shebana feela le kgoneho ya boleng ba moruo wa yona empa le boleng ba setho sa yona le bohlokwa ba boleng ba bophelo batho ba sedika sena.
TSHEBEDISANO MMOHO LE BA-NKA KAROLO
TSHEBEDISANO
Boholo ba mesebetsi ya CBNRM bo kenyeletsa ho thehwa ha tshebedisano mmoho pakeng tsa ba-nka karolo ba fapaneng.
Ditshebedisano mmoho tsena di na le dibopeho tse fapaneng mme di hangata di bohlokwa haholo ho atleheng ha mesebetsi ena. Mehlala ya ditshebeletso tsena e kenyeletsa:
Ditshebedisano mmoho pakeng tsa ditjhaba tse ahisaneng, tse arolelanang mehlodi ya tlhaho jwalo ka meru, metsi, makgulo, jwang ba ho loha disebediswa tse kang meseme jwalo-jwalo
Tshebedisano mmoho pakeng tsa setjhaba le dikgwebo tsa lekala la poraefete, haholo ?holo kgwebo ya bohahlaudi le dikgwebo tse ding tsa mofuta ono.
Tshebedisano mmoho pakeng tsa mafapha a fapaneng a mmuso a nang le thahasello le boikarabello bakeng sa dintlha tse fapaneng tsa mehlodi ya tlhaho ya sebaka se amehang ? mohlala, mobu le metsi kapa meru le mehlodi ya lewatleng
Pakeng tsa setjhaba, mekgatlo eo e seng ya mmuso le mafapha a mmuso ? moo mekgatlo eo e seng ya mmuso e yeng e bitswe hore e tlo tsamaisa mosebetsi lebitsong la mafapha a mmuso.
BA- NKA KAROLO BA BOHLOKWA
Boholo ba mananeo a CBNRM a kenyeletsa ba-nka karolo ba fapaneng ba sebetsang ka kopanelo mme emong le emong wa bona a nang le mesebetsi le maikarabelo a hae ho phethweng ha mosebetsi. Ditataiso tsena di reretswe o thusa ba-ka karolo bana hore ba phethe mesebetsi ya bona le ho nka boikarabelo ba bona ka katleho.
Dihlopha tsa mahaeng ?hangata di emelwa ke mekgatlo le ditheo tsa setjhaba kapa ke mekgatlo e thehetsweng ho susumetsa mosebetsi wa CBNRM ka ho ikgetha. Mekgatlo ya setjhaba e atisa ho emela dihlopha tse itseng setjhabeng. Mekgatlo e tsamaisang le ho hlophisa mosebetsi ha ngata ke mekgatlo eo e seng ya mmuso, bahlophisi ba ikemetseng ba mosebetsi (Consultants) kapa bahlanka ba mmuso ba hiretsweng ho etsa mesebetsi e itseng,mohlala: baemedi ba setjhaba, basebetsi ba ntshetsopele ya setjhaba, kapa mesebetsi ya thekolohelo. Ha ngata mafapha a diyunivesithi kapa ditheo tsa ho etsa diphuputso di iphumana di etsa mosebetsi ona. Ba sebedisana mmoho le setjhaba, ha ngata ka nako e telele.
Balekane ba lekala la poraefete ?boholo ba bona ba amena le mesebetsi ya lekala la bohahlaudi mme ba tlisa kgwebo le tsebo ya setekgeniki mmoho le matsete a tjhelete. Mebuso ya bomasepala le sedika ? Bana bona ba na le tshusumetso hodima mesebetsi e etswang boemong ba selehae mmoho le maikarabelo a semolao a ho Kenya tshebetsong dipholisi tse ngata boemong ba naha tse amang tshebediso ya mehlodi ya tlhaho.
Mafapha a mmuso boemong ba naha le ba diprovense ? a atisa ho qala CBNRM ele sesebediswa sa ho kenya dipholisi tsa boemong ba naha mabapi le taolo ya mehlodi ya tlhaho le twantsho ya bofuma kapa ( jwalo ka ha ho tlwaelehile) ho arabela ditseko kapa sello sa baahi ba sebaka se amehang. Mekgatlo e fanang ka dinyehelo ? Eo hangata e leng mekgatlo ya matjhaba e nang le kgahleho e kgolo ntshetsopeleng ya dibaka tsa mahae le paballo ya tlhaho. Ditataiso tsena di shebane le setjhaba, basebetsi ba bang ba CBNRM le ba etsang melao. Setshwantsho sa 1, se bontsha ba ?nka karolo bana le maikarabelo a bona,
CBNRM ha se feela ya ba baballi ba tlhaho le tikoloho mme, melao ya yona e ka sebediswa makaleng a mangata. Mehlala e mmalwa ya ka moo CBNRM e kopanyang makala a mangata e hlahella mona ka tlase. E mengata ya mehlala ena e sa ntsane e ntshetswa pele mme ho sa le hole moo e eyang teng, pele ho ka thwe e fihletse katleho.
CBNRM e atisa ho amahangwa haholo le paballo, ha ngata maemong ao ho ona mobu o ka kenyeletswang dibakeng tse sireleditsweng. Mobu o hiriswa ke setjhaba ka tshebediso ya mekgatlo ya paballo ya tlhaho, empa le hahole jwalo, setjhaba le sona se a nyehela tsamaisong ya sebaka se jwalo, se sireleditsweng ka tumellano ya ho se laola ka kopanelo. Baahi ba bang ba hatetse pele ho feta moo ka hore bona ka bo bona ba thehe le ho hloma mekgatlo ya paballo ya diphoofolo tse hlaha le bohahlaudi mobung oo ba o kopanetseng haufi le dibaka tse sireleditsweng. Merung teng Ho ba le seabo Taolong ya Meru teng ke leano la paballo ya meru leo maikemisetso a lona e leng ho fa baahi matla a ho nka diqeto mabapi le mehlodi ya meru le ho fana ka melemo ya sebele ho bona. Baahi ba ka etsa dikopo tsa tumello ya ho kotula mehlodi e itseng mme tshehetso ya ditjhelete e a fumaneha ho ba thusa ho iqalla dikgwebo tse nyane.
Temothuong teng dihlopha tsa batho di ka theha mekgatlo ya tshebetso mmoho moo ba tsamaisang le ho bapatsa dihlahiswa tsa temo kapa leruo ka kopanelo, ba thuswa ke mmuso le ditheo tse tshehetswang ke mmuso ka ditjhelete (parastatals). Ha ngata hona ho tsamaiswa mmoho le mananeo a tlhokomelo ya mobu a jwalo ka taolo ya kgoholeho ya mobu le ntlafatso ya makgulo. Moo mobu o busetswang ho beng ba ona, setjhaba se tsekang ho buseletswa mobu wa sona se atisa ho kopa tshehetso ho etsa bonnete ba hore mobu o ajwang botjha o sebediswa ka mokgwa o nang le kuno. Baahi le bona ba tlameha ho ntlafatswa ka dithupello tsa boitjhoriso le ka ho ba kopanya le baeletsi mmoho le balekane kgwebong. CBNRM e ka ba motheo wa bohlokwa ka morao ho ho kgutlisetswa ha mobu ho beng ba ona, ho matlafatsa melawana ya taolo e nepahetseng ya mehlodi ya tlhaho le mobu, tshebediso ya mobu mmoho le ntshetso pele ya ditheo tsa selehae tse sebetsang.
CBNRM e boetse e bohlokwa bohahlauding le ntshetsopeleng ya moruo wa maemong a selehae, moo ditjhaba tse ngata di kenang mosebetsing ka kopanelo mmoho le mefuta e meng ya tshebedisano mmoho, le ba sebetsang ka bohahlaudi. Ditjhaba di atisa ho hirisetsa borakgwebo ditokelo tseo di di filweng ke mmuso mme e ebe borakgwebo ba etsa mosebetsi wa papatso, kapa ebe ba kena ditumellanong tsa ho arolelana kuno le khampani ya poraefete eo e leng hore yona e tla ikarabella lehlakoreng la kgwebo la tumellano ya bona mme setjhaba sona se hlokometse taolo ya mehlodi ya tlhaho le mobu. Mosebetsi wa CBNRM o boetse o bohlokwa taolong ya mehlodi e jwalo ka metsi. Setjhaba e ka ba karolo ya Di-ejensi tsa Taolo ya Kgakeletso, sa theha Mokgatlo wa Basebedisi ba Metsi kapa sa theha Foramo ya Taolo ya Kgakeletso. Hona ho hloka thuso ho tswa mekgatlong ya mmuso e jwalo ka lefapha la Metsi le Meru le bo masepala ba didika.
Boemong ba mmuso wa selehae tsamaiso ya mehlodi e ya tlhaho ke karolo ya bohlokwa ya Morero wa Ntshetsopele e nang le Nyalano (IDP) o kentsweng tshebetsong ke Molao wa bo masepala wa Municipal Systems Act, le Integrated Sustainable Rural Development Strategies (Maano a Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae a nang le Nyalano e Tswellang). Ditshiya tse tharo tsa mosebetsi wa IDP ke :
Phokotso ya bofutsana tlhabollo e tswellang ya bomasepala le taolo e hlwahlwa ya tikoloho. Hona ho nyalana hantle le ditabatabelo tsa tsa CBNRM : phokotso ya bofuma, tlhabollo ya mekgatlo, tshebediso e hlokolosi ya mehlodi ya tlhaho. Ka hoo maikemisetso a IDP le CBNRM a a dumellana. Ntlha ya bobedi ya mosebetsi wa IDP e nyalanang hantle le CBNRM ke taolo le ya motjha-o-tjhele eo e leng karolo ya di IDP. Ka hoo, mokgwa wa ho ithuta le ho tlwaela mosebetsi o hlokwang ke mesebetsi ya IDP o a tshwana le tsamaiso ya tlwaelo ya mosebetsi o labalabelwang ke CBNRM. Ka hoo IDP e fana ka monyetla wa ho boulella tsamaiso ya mehlodi ya tlhaho boemong ba selehae dibakeng tseo ho tsona mehlodi e neng e nyahladitswe feela nakong e fetileng, mohlala: dibaka tse bulehileng dibakeng tsa makeishene le ditoropo mmoho le mobu wa bohle o leng taolong ya masepala.
Ke nnete e utlwisang bohloko hore phepo mpe le mafu a kang sewa sa HIV/AIDS di ama bophelo bo botle ba setjhaba sohle sa Afrika Borwa. Mathata a bophelo bo botle a ama dikarolo tse tsohle tsa bophelo setjhabeng mme diprojeke tsa CBNRM le tsona di a ameha le hoja mesebetsi ya CBNRM e atisa ho angwa ha mpe ke mathata a bophelo bo botle setjhabeng, CBNRM e na le bokgoni ba ho fana ka tshehetso ya nnete setjhabeng. Ditheo le tshebedisano mmoho tse kenngwang tshebetsong ho tshehetsa mesebetsi ya CBNRM di ka fana ka motheo wa ho rarolla mathata a amang bophelo bo botle. CBNRM e ka ntlafatsa tshireletso ya dijo le maemo a phepo setjhabeng, mohlala; ka taolo le paballo ya mehlodi ya diphoofolo tse hlaha le ya dihlapi molemong wa tlhahiso ya diproteine le taolo ya mehlodi ya dimela e jwalo ka ditholwana tse hlaha le le tse lengwang mmoho le meroho. Tshebediso le tsamaiso e hlokolosi ya mehlodi ya tlhaho e ka thusa setjhaba hore se kgone le ho kgona kgatello e eketsehileng e bakwang ke mafu a kang HIV/ AIDS hodima mehlodi ya tlhaho haholo makase a bafu, patsi e beswang mafung le ditlamatlama tsa meriana ya setso e phekolang matshwao a mafu a tshwarang batho. Mesebetsi ya CBNRM e nang le bokgoni ba ditjhelete e ka thusa ho nyehlisa kgatello ya ditjhelete eo malapa a iphumanang a tobane le yona ho matlafatsa baahi ka mesebetsi ya CBNRM ke enngwe ya ditsela tseo ka tsona re ka ba thusang ho kgema le mathata a bophelo bo botle.
Thutong teng, CBNRM ke motheo wa bohlokwa ?hlokwa bakeng sa thuto ya sethatho ya ba baholo. Batho ba ikamahantseng le mesebetsi ya CBNRM ba hloka thupello ho ntklafatsa tsebo ya bona ya dipalo le ho bala le ho ngola. Le ha hole jwalo, le sekolong dintlha tsa CBNRM di ka ba bohlokwa haholo ha di kenyeletswa dithutong tsa mekgwa ya boiphediso, thuto ya dipalo le mahlale kakaretso. Hona ho ka thusa haholo dikolong tsa mahaeng moo barutwana ba ileng ba nka karolo ka katleho mananeong a CBNRM a tekolo le diphuputso. Ho feta moo, dikolo tsa mahaeng le matitjhere ke balekane ba bohlokwa ba CBNRM ka ho nehelana ka dibaka tseo dikopano di tshwarelwang ho tsona mme ba fana ka disebediswa tsa dipuisano ba bile ba nyehela ka tsebo le bokgoni bo haellang jwalo ka dipalo le ho bala le ho ngola tseo ho leng boima ho ka di fihlella.
CBNRM e ka boela ya fana ka kalana bakeng sa ba-nka karolo ba sa sireletsehang jwalo ka basadi le batho ba futsanehileng ba mahaeng, hore ba hlahise maikutlo le matshwenyeho a bona. Hona ho ka kgoneha ka lebaka la mokgwa wa ho fa batho monyetla wa ho nka karolo ditabeng tse ba amang wa CBNRM, empa hape ke ka lebaka la hobane dikarolo tse ngata tsa CBNRM di kgathalla batho ba futsanehileng le ba sa sireletsehang.
Ho ntlafatsa bokgoni ba boiphediso ba batho ba phelang mahaeng.
Ho ntlafatsa tshireletso le taolo ya mehlodi ya tlhaho.
Ho matlafatsa batho hore ba kgone ho laola mehlodi ya bona.
Ba kenyang mosebetsi tshebetsong:
Setjhaba ? le Basebetsi
Le ditho, bahlanka ba mmuso, mekgatlo eo e seng ya mmuso, ba kenyang maano tshebetsong.
Dintlha tsa bohlokwa:
Ntlafatso ya menyetla e fapaneng ya boiphediso
Ho kenya tshebetsong mekgwa
Ya taolo ya mehlodi ya tlhaho
Ho theha maemo a tletseng boikarabelo le kemedi setjhabeng
Thupello le matlafatso ya bokgoni
Tshebedisano mmoho
Taolo le tekolo
Tshebedisano mmoho le lekala la poraevete:
Dintlha tsa bohlokwa:
Tshehetso ya ditjhelete
Tsebo ya setekgeniki ( haholo tsamaiso ya kgwebo)
Ho nka boikarabelo ka nako e telele
Ho theha semphato se nang le tekatekano
Ho tshepahala ditjheleteng
Tlhahlobo ya dibuka
Mebuso ya selehae (makgotla a didika a bomasepala )
Dintlha tsa bohlokwa :
Meralo ya tshebetso ya selehae (di IDP, meralo ya tshebediso ya mobu jj), bakeng sa bahlanka boemong ba selehae, Tshehetso ka disebediswa le tsamaiso.
Mafapha a mmuso a Naha le a Diprovense (Pholisi)
Dintlha tsa bohlokwa:
Meralo e batsi ya tshebetso, dipholisi le ditataiso bakeng sa moralo wa tshebetso o etsang hore CBNRM e kgone ho sebetsa mmoho le mafapha a fapaneng, ho thehwa ha ditheo tsa tshebedisano mmoho, basebetsi ba hlwahlwa ba rupetsweng ka nepo maemong ohle, ho aba matla a bolaodi le ho nka diqeto
Phano ya mehlodi ya tjhelete le ya setekgeniki
Dipuisano le tlaleho, tekolo le tlhahlobisiso
Mekgatlo ya ba fanang ka dinyehelo
Dintlha tsa bohlokwa :
Dinako tsa tshebetso le kgahlamelo ya meralo ya tshebetso mmoho le disebediswa.
Tshebetso ya mehopolo, ya setekgeniki le ya ditjhelete
KAROLO YA 2. DITATAISO
Mabaka ao ka ona ho hlahiswang ditataiso
Boholo ba mafapha a mmuso bo na le dipholisi tse lekaneng bakeng sa ho sebetsana le dikamano pakeng tsa batho, bofuma le mehlodi ya tlhaho kapa tsamaiso ya mehlodi ya tlhaho, e leng matsohong a setjhaba ( CBNRM)
Le ha ho le jwalo ho na le ho se hlake hantle mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a CBNRM hara mekgatlo le ditheo tse nang le thahasello mosebetsing ona.
Ka hoo, ho boetse ho atisa ho ba le kgaello ya tshebedisano mmoho pakeng tsa mafapha le ba-nka karolo ba bang makaleng a fapaneng Boholo ba bahlanka ha bo utlwisise seo CBNRM e se emetseng kapa ba na le mehopolo e fapaneng mabapi le kamoo e lokelang ho kenngwa tshebetsong
Hodima moo ho na le kgonahalo ya hore batho makaleng a fapaneng ha ba elellwe hore mosebetsi oo ba o etsang ke karolo ya mosebetsi o moholo wa ntshetsopele o hlahelang ka lebitso la CBNRM. Maikemisetso ka ditataiso tsena ke ho hlakisa ho ameha le maikarabelo a bahlanka ba mmuso le ba bang mesebetsing ya CBNRM
Tlaleho ya pejana eo sehlooho sa yona eleng ?Ntjhafatso ya melao le dipholisi tse tshehetsang mananeo a tsamaiso ya mehlodi ya tlhaho a leng matsohong a setjhaba (CBNRM) naheng ya Afrika Borwa1?, e ile ya ananela ntlha ya hore ho ne ho ena le dipholisi tse lekaneng tse leng tshebetsong ho ka tataisa CBNRM empa ya phethela ka hore: ?Ho a hlokeha hore ho ralwe lenaneo le ikgethang la ditataiso tse kopanyang mafapha, sepheo e le ho shebana le batho bao e saleng ba kotetswe nakong ya e fetileng, bao eleng bona ba laolang mehlodi ka kopanelo le mme, ba na le tsebo le bokgoni ba ho nyehela ho ralweng le tsamaisong ya mananeo a tshebetso?(leqephe la 28). Mefokolo e leng teng ho kenngweng tshebetsong ha CBNRM e lebisitse ho hlahisweng ha tokomane ena ya ditataiso
Maikemisetso a Sehlooho a Ditataiso ke ho:
Fa bohle ba amehang kutlwisiso e kopanetsweng ya mesebetsi ya CBNRM, ke hore:
Diphephetso tsa bohlokwa tsa CBNRM
Metheo ya bohlokwa ya CBNRM
Dintlha tse lokelang ho elwa hloko ha ho kenngwa CBNRM tshebetsong
Ho thusa bohle ho utlwisisa mesebetsi le maikarabelo a bona mmoho le a ba bang mananeong a CBNRM sepheo e le ho:
Kenya tshebetsong dipha tsa mananeo a CBNRM
Laola le ho hlahloba ho kenngwa tshebetsong ha mananeo ka nepo, mmoho le tshebetso ya bohle ba nkang karolo
Itlhophisetsa ho sebetsa mmoho ka katleho
Ikamahanya le melao ya boitshwaro bo botle ho ya ka mesebetsi e hlalositsweng ya motho ka mong mmoho le maikarabelo a hae
Eketsa kgonahalo ya sephetho se atlehileng mananeong a CBNRM
Le ha ho le jwalo, ho na le tiisetso ya hore sephetho sa mesebetsi yohle ya CBNRM e ikamahanyang le ditataiso tsena e tla ba se atlehileng
Sepheo-pheo sa ditataiso tsena le ho ntlafatsa kutlwisiso ya rona ya CBNRM ho ka lebisa kgonahalong e kgolo le phokotsehong ya ho putlama ha mosebetsi.
Tsepamiso ya maikutlo le sepheo sa ditataiso
Boiphihlelo bo boholo bo fumanwe mesebetsing ya CBNRM naheng ka bophara, sedikeng sohle ho kgabahanya le sedika sena sa SADC, le dinaheng tsa mose ho mawatle, dilemong tse 10 tse fetileng mme, boholo ba sena bo sebedisitswe ho rala ditataiso tsena. Lesedi le keneletseng mabapi le mesebetsi ya CBNRM le kgobokantswe ke bafuputsi le ba bang mme sena se le sona se nyehetse haholo. Ha ho ya ba bobebe ho kenyeletsa lesedi lohle le leng teng. Ntlha ya bohlokwahlokwa ka hoo ke ?seo re hlileng re tlameha ho se etsa?, hore CBNRM e tle e sebetse betere.
Sepheo sa bohlokwahlokwa sa tataiso tsena ke ho fihlella tshebedisano mmoho e kgolwanyane pakeng tsa baahi boemong ba selehae, sedika, provense le ba naha. Ba fanang ka dinyehelo le lekala la poraevete.
Di reretswe bo mang?
Ditataiso tsena di reretswe ho fana ka tataiso le tshehetso ho bohle ba nkang karolo ho kenngweng tshebetsong ha mesebetsi ya CBNRM. Makala a mangata a nka karolo, kapa a angwa ke diprojeke tsa CBNRM. Diprojeke tsena di kenyeletsa:
Temothuo
Taolo ya Mafa a Botjhaba
Tlhabollo ya moruo
Thuto
Meru
Bophelo bo botle
Merafo
Paballo ya tlhaho
Bohahlaudi
Taolo le tsamaiso ya metsi
Maikutlo mana a tla tsepamiswa haholo ho ba-nka karolo ba leng tlase-tlase mane, mohla: setjhaba, batsamaisi ba mosebetsi le bahlanka kapa basebetsi mmoho le ba etsang melao. Ba-nka karolo ba bang ba jwalo ka ba fanang ka dinyehelo le lekala la poraevete le bona ba tla thuswa haholo ke tokomane ena. Sepheo-pheo ke ho hlakisa ka bobatsi mesebetsi le maikarabelo a ba-nka karolo bohle.
Ka moo ditataiso di ka sebediswang le teng neng
Dikarolo tse fapaneng tsa ditataiso di fana ka lesedi le hlokehang ho batho makaleng a fapaneng hore ba kgone ho etsa mesebetsi ya bona ka katleho. Karolo ya pele e shebane le melao e akaretsang le dipholisi tseo bohle ba tobaneng le tsona mosebetsing wa CBNRM. Karolong ya bobedi melao ya tshebetso e a etswa sa dihlopha tse tharo tsa bohlokwa tsa ba ?nka karolo: setjhaba, basebetsi le ba etsang dipholisi.
Ditataiso di lokela ho fana ka moralo wa tshebetso o phethahetseng molemong wa meralo le tlhabollo ya mananeo a CBNRM. Di tla ba molemo haholo boemong boo projeke efe kapa efe e qalang ho bona, moo maano a tshebetso a ntseng a ntlafatswa. Ka ha mosebetsi ka mong o ikgetha ka tsela eo o holang ka yona, ha ho kgonehe ho ka fana ka tataiso ya mohato ka mong bakeng sa mosebetsi ohle. Le ha ho le jwalo, ka ho sebedisa ditataiso mohatong wa meralo ya tshebetso e etswang ho ona mme ho latelwa mokgwa wa taolo wa ho etsa hore mosebetsi o hlophisetswe sepheo se itseng, lesedi mona le tlameha ho nyalana le mosebetsi ona hofihlwella projeke e phethetswe.
O ka botsa potso e latelang bakeng sa tataiso ka nngwe e dumellanang le maemo ao o sebetsang ho ona ?ebe re hlile re tlisa tharollo ka ho phethahala ntlheng ee, lenaneong la rona le ikgethang la mosebetsi??
Haeba le sa ntsane le le mehatong e qalang ya ho kenya projeke ya lona ya CBNRM tshebetsong, le ka nna la sebedisa ditataiso ka ho ipotsa hore : ?Re ka sebetsana le ntlha ee jwang ka katleho lenaneong la rona le ikgethang??
Mehatong e seng e hatetse pejana teng ditataiso di ka sebedisetswa ho thusa ho laola le tlhahlobo ka ho hlwaya dintlha tse nang le kgahlamela e nepahetseng kapa e fosahetseng sephethong sa projeke. Mona le ka nna la ipotsa potso ya latelang : ?ebe ke dintlha dife tse bakang mathata a maholo-holo?? Re ka etsa eng ho ntlafatsa maemo a ditaba??
Le hoja e se lesedi lohle le bonahalang le ena le molemo maemong a lona a ditaba, ho tla thusa haholo ho ithuta ka mesebetsi le maikarabelo a ba-nka karolo ba bang bao le teanang le bona mosebetsing.
METHEO YA MORALO
Metheo ke melawana ya motheo e lokelwang ho latelwa ha ho kengwa CBNRM tshebetsong. Ke yona e re tataisang menahanong le diketsong tsa rona. Ho na le mekgwa e mengata ya boiphediso eo ho ka ikgethelwang ho yona.
Ho bolokwa mefuta e fapaneng hape e kgonang ho fetoha le maemo ya boikgethelo ba ho phela
Batho ba tswela pele ho sebedisa menyetla e fapaneng ya ho iphedisa. Ba lema dijo, ba etsa dihlahiswa tsa mesebetsi ya matsoho, ba rua diphoofolo, ba rekisa mahe, ba a hirwa, ba bokella ditlama-tlama tse sebedisetswang ho phekola mafu, ba kotula lehlaka, esitana le dijo tse fumanehang lewatleng, ba fana ka ditshebeletso ho bahahlaudi le mesebetsi e meng e mengata.
Bokgoni ba mehlodi ya tlhahiso bo hlokomelwa le ho ntlafatswa.
Bongata ba mehlodi ya tlhaho e leng teng ba ho dule bo sa fetohe feela, empa bo eketseha ho latela taolo e nepahetseng. Hona ho le diphoofotswana tse jewang tse fumanehang majweng lewatleng, dibakeng tse boleng bo hodimo, peo le difatjana tsa dimela tse ratwang di mela ka hara moru le dibaka tse nang le difate tse ngata, le palo ya diphoofolo e a eketseha.
Ditheo tsa puso ya selehae le taolo ya mehlodi di malala-a- laotswe mme di a sebetsa
Ho na le melao ya selehae mme e kenngwa tshebetsong. Mokgatlo wa selehae wa taolo o sebetsa ha ntle mme o nkela maikarabelo a ona hloohong. O sebedisana mmoho le setjhaba mmoho le balekane ba kantle ho etsa bonnete ba hore mosebetsi wa CBNRM o tswela setjhaba le mehlodi ya tlhaho molemo.
Melemo ya moruo le e meng e fanang ka monyetla wa tshebediso ya mehlodi ke e hlwahlwa.
Batho ba putswa ka tshwanelo bakeng sa boiteko ba bona ba ho hlokomela mehlodi ya bona ya tlhaho. Ba ikamahanya le tekanyetso ya kotulo eo ba e behetsweng, ba fumana mmaraka o motle bakeng sa dihlahiswa tsa bona mme ba etsa kuno e eketsehileng ka ho atolosetsa mosebetsi wa bona dibakeng tse ding. Balebedi ba baahi ba lebela meru, makgulo kapa melatswana,ho thibela hore matswantle a se nke dimela le diphoofolo tsa bona.
Ho na le dipholisi le melao e kentsweng tshebetsong mme taolo e behilwe boemong bo tlase-tlase moo matla le bokgoni bo leng teng
Melao e lekolwa mmoho le ho kenngwa tshebetsong mme batho ba fuwa tokelo le boikarabello ba ho nka diqeto ka bo bona mabapi le tshebediso ya mehlodi ya tlhaho. Dipehelo tsa kotulo di behwa ke setjhaba ka keletso ya ditsebi.
Ho na le tsamaiso e hlwa-hlwa e bileng e ena le boikarabelo ho tswa mekgatlong e ka ntle
Setjhaba se sebedisana mmoho le mekgatlo ya selehae eo e seng ya mmuso (NGOs) e utlwisisang maemo a kahisano le botjhaba ba setjhaba hantle mme, e ena le boiphihlelo tsamaisong ya mehlodi sebakeng seo. Mokgwa wa bona wa tshebetso ke wa ho arolelana tsebo le ho kgothaletsa setjhaba ho nyehela ka boiphihlelo le kutlwisiso ya sona.
Batho setjhabeng ba nang le tshusumetso e kgolo e leng baetapele ba setso le baholo ba ikakgetse ka setotswana ho etseng bonnete ba hore bohle ba fola molemo ka ho lekana ka hohle ka moo ho ka kgonehang. Ba sebetsa ka thata ho ka etsa bonnete ba hore ditho tse nang le matla ho feta tse ding di se ke tsa hatella tse ding ha mosebetsi o ntse o tswela pele. Bohle ba a tseba hore ke bo mang ba nang le tshusumetso.
Ho kenya CBNRM tshebetsong ho tsamaisana le ho tobana le mathata a mmalwa. A mang a ona a tlwaelehile mesebetsing yohle ya CBNRM. Pele mosebetsi ofe kapa ofe o ka simollwa dintlha tse latelang di lokela ho hopolwa:
Lebella phapa-phapano e kgolo mosebetsing ka mong.
Se sebediseng ditataiso jwalo ka moralo o phethahetseng wa tshebetso. Ikemisetse ho fuputsa le ho nyehela ka ho ikamahanya le maemo a ditaba.Empa le pheme ho se be le botsitso ho ka lebisang ho ferekanyeng bohle.
Le lebelle diqhwebeshano boemong ba selehae. CBNRM ka nako tse ding ang tshwana le morusu wa diphetoho, ka hoo le se ke makatswa ke diqhwebeshano. Empa le leke ho bonela diqhwebeshano pele ka taolo e nepahetseng ya mme le leke ho di thibela. Le seke la tshwenyeha haeba di etsahala. Ho tlwaelehile hore di etsahale. Ho tshoha le ho makala ke karolo ya mosebetsi.
Hata butle ha o sebetsana le dikamano tsa matla boemong ba selehae. CBNRM ke leano le laolwang ho latela demokerasi. Jwang kapa jwang le tla tshosa ba bang. Ka nako e nngwe hona ho ke ke ha qojwa empa wena leka ho qoba ka hohle ka moo o ka kgonang.
Jwang kapa jwang mathata a tla ba teng mehatong e fapaneng ya mosebetsi : Phepehetso he ke ho boloka morolo wa bohle ba amehang nakong tsena tsa mathata
O hlokomele ho nyahama ho ka bakwang ke dikamano tsa matla. Ebang ho ena le ho sa eng ka theko, mabapi le karolo e itseng ya mosebetsi, ho na le kotsi ya hore matsapa ohle le matla ohle a sebedisitsweng projekeng a sebediswe tekong ya ho rarolla bothata, eleng ntho eo hangata e lebisang ho se natsweng ha dintlha tse ding tse nang le katleho tsa projeke.
Ka tlhaho batho ha ba rate diphetoho mme, ho atisa ho ba le ho hanana le mehopolo efe kapa efe e metjha ho sa natswe hore na e bonahala e le metle hakae, ho bao ba tlileng ka yona. O se ke wa makala ha ho etsahala ha ho nka nako e telele pele mehopolo e metjha e ka amohelwa, kapa le haeba hona ho sa etsahale ho hang.
O hle o ikemisetse ho amohela tshehollo le diqoso tse hlokang toka. Baahi setjhabeng ba nkang karolo mererong ya CBNRM ba atisa ho tobana le dipuo tse tletseng leeme mmoho le tshehollo, ha ngata h tswa bathong ba leng ka ntle ho projeke. Tshehollo e jwalo e ka nyahamisa motho haholo mme nako le matla a mangata a senyeha e le ha ho lekwa ho thibela boemo bo jwalo. Amohela ntlha ya hore hona ho tla etsahala mme o seke wa kgella fatshe mosebetsi o motle oo wena le ba bang le o etsang.
DITATAISO, TSA HO KENYA METHEO TSHEBETSONG
Ho na le lenane le batsi le hlophisitsweng hantle la mekgwa ya boiphediso leo ho ka ikgethelwang ho lona.
Fana ka monyetla bakeng sa mekgwa e fapaneng ya boiphediso. Batho ba mahaeng ba hloka ho iphedisa ka mekgwa e fapaneng mme malapa a mangata mahaeng a sebedisa mekgwa e mmalwa ya boiphediso. Hona ho ba sireletsa kgahalnong le dikotsi tse ka ba hlahelang mmoho le ho lahlehelwa ke tshepo.
O se lebale hore batho ba bona boleng ba mehlodi ya tlhaho ka tsela tse fapaneng. Ba bang ba inahanela ka boleng ba moru feela, ha ba bang bona ba natsa le boleng ba botjhaba le setso, athe ba bang bona ba kgathalla boleng ba paballo ya mehlodi ya tlhaho feela. O se ke wa nahana hore baahi ba nale ho nahana ka mokgwa o nang le mehopolo ya kgwebo. Hape o se ke wa lebella hore ba tla arolelana le ba ralang maano le paballo boleng bo sa behang ka pelepele mofuteng o itseng wa diphedi ka pa tikoloho.
Kgothaletsa banang le tsebo le bokgoni bo fapaneng ho nyehela. Kopanya tsebo le bokgoni bo bongata ka hohle ka moo ka kgonang. Etsa bonnete ba hore mekgatlo ya selehae e a emelwa ke dihlopha tse tsohle setjhabeng. Basadi ke basebedisi ba bohlokwa ba mehlodi ya tlhaho mme ba na le tsebo le bokgoni ho ka nyehela. Etsa bonnete ba hore ho na le sebaka bakeng sa bona.
Phahamisa tsebo le bokgoni ba boholo-holo mme o kgothaletse kamohelano ho ya ka botjhaba le setso ka ho fapana. Ho fapafapana ha setso le botjhaba ho hokahantswe ka kotloloho le ho fapafapana ha mekgwa ya tlhahiso, ho nkuwa ha diqeto mmoho le ntshetsopele ya mekgatlo mme ho tshwanela ho kgothaletswa, ho boloka dikamano pakeng tsa ditho tsa setjhaba sa mahaeng le sa ditoropong. dikamano tsena di bohlokwa haholo bakeng sa moruo le kahisano.
O SE KE WA:
Phahamisa merero e tlang ho nyametsa ho fapafapana ha mekgwa ya boiphediso esitana le maano a tlhahisao:
Phahamisa merero e nyahlatsang boikgethelo ba mekgwa ya boiphediso feela-feela tjena.
Kenya tshebetsong maano a taolo a fokotsang mathata molemong wa ho fokotsa tharahano ya mosebetsi.
Bokgoni ba mohlodi ba tlhahiso bo baballwa le ho ntlafatswa
Etsa bonnete bahore mehlodi ya tlhaho ena le boleng ba ho ka etsa kgwebo bo ka fetolelwang tjheleteng, le melemo e meng ya sebele eo batho ba utlwisisang le ho elellwa boleng ba yona.
Hlokomela le ho sireletsa mehlodi ya tlhaho. Hang ha e ka ya fela ho CBNRM kenya tshebetsong melao e laolang hore na ke mang ya ka kotulang mehlodi efe, hokae. Etsa bonnete ba hore ho na le doqoso bakeng sa ba tlolang molao. Tsetela haholo melaong e laolang boitshwaro e tshehetswang ke bohle.
Kenya tshebetsong leano la nnete la tazolo bakeng sa mehlodi. Kopanya kutlwisiso le tsebo ya batho ya mehlodi le lesedi ho tswa ho bohle ba amehang ho rala leano le hlakileng le bile le sebetsa la tshebetso.
LAOLA TSHEBEDISO LE MAEMO A MEHLODI Basebedisi ba mehlodi ka bo bona mmoho le ba bang ho tswa setjhabeng ba tshwanela ho ikakgela kasetotswana ho kenyeng tshebetsong mokgwa wa taolo mmoho le ho etsa mosebtsi wa taolo.
Latela mokgwa wa taolo wa ho itlwaetsa maemo a ditaba. Eba le maikemisetso, laola maemo a mehlodi mme o nke qeto ya hore na ke neng moo ho nang le matshwao a tlhokomediso.
Tsetela karolo e bonahalang ya kuno efe kapa efe, taolong ya tlhaho
Etsa hore ho be le matla a taolo ya mehlodi ya tlhaho. Rupella esitana le ho laola batho ba nepahetseng ho etsa hore ba kgone ho nka boikarabelo taolong ya tlhaho.
O SE KE WA:
Nka hore melemo e tswang mehloding ya tlhaho e tla lebisa tsamaisong le taolong e matsohong a baahi
Dumela hore CBNRM e bolela nyehliso ya marapo ho kenyeng molao tshebetsong.
Sebedisa leano la ho nka mehato ya thibelo e le lebaka la hore o se ke wa etsa letho.
Ho na le mekgatlo ya puso ya selehae le taolo ya mobu mehlodi e sebetsang hantle haholo
Etsa bonnete ba hore emong le emong o tseba seabo sa seo a lokelang ho ba le sona morerong ona mmoho le boikarabelo ba hae. Tshwara dikopano kgafetsa ho etsa bonnete ba hore emong le emong o tseba hore na o tshwanetse ho nyehela jwang morerong ona, le hore o etsa seo ho dumellanweg ka sona. Rala molaotheo e sa le nako.
Theha mekgatlo ya selehae ho nnetefatsa tlwaelo ya hore baahi ke bona beng ba mehlodi. Ho lokela ho ba le lekgotla la tsamaiso le tlang ho etsa mosebetsi wa tsamaiso le ho nka diqeto. Lekgotla lena le tla hloka tshehetso le thupello e nepahetseng hore le tle le kgone ho etsa mosebetsi wa lona. La tla hloka tshehetso le kgothatso ka dinako tsohle. Maemong a itseng, haeba ho ena le mathata a mangata, lekgotla lena le ka nna la hloka ho thewa. Sebedisa mekgatlo e leng teng ka hohle ka moo ho ka kgonehang ka teng ho, ho ena le ho theha e metjha. Empa o nke diqeto tse nepahetseng mabapi le sena mme o seke wa beha maikemisetso a CBNRM ka mosing haeba makgotla a matjha a hlokeha.
Etsa bonnete ba hore baemedi ke ba nepahetseng, le hore ha se ba ipehileng ditulong. Baemedi ba tlameha ho sebetsa mmoho le dihlopha tseo ba di emelang, le ho di fa tlaleho mme ba tshwanela ho fuwa nako ya ho etsa jwalo.
Etsa bonnete ba hore ho na le moetapele kapa ?mpodi? mmoho le sehlopha sa tshebetso bakeng sa mosebetsi o mong le o mong wa bohlokwa kapa lekala la boikarabelo. Hodisa bo-mpodi le baemedi ba batjha ka hloko mme o balle ba seng ba ntse ba le teng.
Lwanela ho tlisa toka setjhabeng. Leka ho arabela ditlhoko le tshireletseho ya nako e telele ya batho ba futsanehileng haholo. Kenya tshebetsong melao ya motheo ho etsa bonnete ba hore emong le emong o nka karolo. Etsa bonnete ba hore lentswe la bafutsana le batho ba hlokang lentswe, haholo basadi ba futsanehileng le a utluwa.
Ikemisetse hore qetellong o fetisetse amang a matla kapa kaofela ha ona ho basebedisi ba mehlodi ka ho bo bona, hang ha ba se ba ena le tsebo mmoho le bokgoni bo hlokehang. Empa o etse bonnete ba hore ha ho le ya mong wa ba nka karolo siuwang ka ntle.
Beha dipehelo tse hlakileng tseo ba ?ka karolo ba tlamehang ho ikarabella le tsona, pele ba ka fumana ditokelo tsa mobu le mehlodi. Kenyeletsa dipehelo tsena leanong la tshebetso kapa molaotheo. Fumana tshetso ya setekgeniki le ya semolao ebang ho hlokeha.
Efa batho tshireletso le ditokelo tsa ka nako e telele tsa mehlodi, le mobu. Batho ba hloka ho tseba ntlha kemo ya bona le seo ba tlang ho se una pele ba ka ba tlang ho se una pele ba ka tsetela nako le tjhelete tsamaisong mehlodi ya bona.
Etsa bonnete ba hore batho ba a tseba ka mekgatlo e meng e sebetsang maemong a fapaneng. Batho ba tlameha ho tseba dipholisi tsa mmuso le ditumellano tsa matjhaba tse ka nnang tsa ba thusa kapa tsa eba le tshusumetso mesebetsing ya bona. Ba tlameha ho utlwisisa hore na nyehelo ya bona e kena jwang mokgweng o moholo wa CBNRM ka hare ho naha, kontinenteng ya Afrika le lefatsheng ka bophara.
Etsa hore ho be le botsitso le teka-tekano seabong le tshsumetsong ya baetapele ba setso. Setjhaba se tlameha ho nka qeto mabapi le hore na mekgatlo e laolwang ke baetapele ba setso ea emelwa kapa tjhe.
Hlalosa ditokelo tsa thepa boemong ba selehae ka ho hlaka. Hlakisa hore na ke mang ya nang le ditokelo le hore na o na le tsona mehloding le dibakeng dife, mmoho le maikarabelo.
Kopanya mekgatlo ya selehae le ya baetapele ba setso le mekgwa ya tsebo le bokgoni boemong ba selehae ho fihlella pheletsong ya mosebetsi. Tsebo e sa hlophisehang semolao e tlameha ho lekolwa hantle feela jwalo ka e hlophisitsweng ka molao pele e ka amohelwa ka botlalo. Leka ho utlwisisa diphapang tse leng teng mekgweng ya tumelo le tsebo pakeng tsa ba-nka karolo ba fapaneng.
Ananela ntlha ya hore ho ntlafatsa le ho hodisa ditheo tse hlwahlwa ke mosbetsi o lenama o bileng o le thata, o bile o ka nka nako ya bolelele bo ka etsang dilemo tse leshome kaofela. Mosebetsi o jwalo o hloka tshehetso ya nako e telele e bileng e tswella. CBNRM e atisa ho angwa ke diphetoho tsa sepolotiki le botjhaba mme hona ho nka nako.
Mebuso ya selehae e tshwanela ho kenya tshebetsong dihlopha tsa tshebetso tsa CBNRM, tse emetsweng makaleng a fapaneng ( ho kenyeletswa le lekala la lesa hlophisehang semolao), di ikarabelle ho etseng meralo le ho kenyeng tshebetsong diprojeke tsa mofuta wa CBNRM boemong ba masepala.
Kenya tshebetsong sehlopha sa tshebetso sa CBNRM. Sehlopha sena se lokela ho ikarabella ho emeleng CBNRM mererong ya naha e sebetsanang le melao le pholisi e amang tikoloho mmoho le ho fana ka tshehetso ya setekgeniki basebetsing ba provense mmoho le ba sebetsang ka ntle ho diofisi.
Kenyeletsa dithupello tse ikgethang tsa CBNRM, mananeong a thupello a lefapha le a puso ya selehae.
O SE KE WA:
Kgella fatshe matla le bokgoni ba mekgatlo ya baahi ho etseng mesebetsi ya bona ya taolo le tsamaiso.
Kgella fatshe mosebetsi wa bohlokwa wa kemedi le ketapele ya selehae
Kgella fatshe tlhoko e kgolohadi ya ntshetsopele e tswellang ya mokgatlo.
Melemo ya moruo le meng e teng phanong ya merero ya tshebediso e hlokolosi ya mehlodi.
Tseba ka hohlaka se lebeletsweng le se hlokehang ho tswa morerong.
Kenya tshebetsong leano la tjhebelo pele le hlakisang ka botlalo hore na batho ba lebeletse eng, empa o be le bonnete ka melemo e ka nnang ya unwa.
Eba le bonnete ka melemo e ka nnang ya unwa ho tswa morerong, mme o etse tekolo e keneletseng ya hore na e ebe morero o tla ba le bokgoni ba ho etsa kgwebo bakeng sa dikgwebo tse itshetlehileng mehloding ya tlhaho.
Rala maano bakeng sa mefuta e fapaneng ya melemo, mohlala: ya nako e kgutshwane le ya nako e teletsana, e bonahalang le e sa bonahaleng.
Etsa bonnete ba hore melemo e tobileng ya baahi e dumellana hantle le ditjeho tseo baahi ba di lefang, bakeng sa paballo ya le taolo ya mehlodi ya tlhaho. etsa bonnete ba hore ho beha mobu le nako matsohong a CBNRM ho ena le ho di sebedisa bakeng sa mabaka a mang, ho tla ba tswela molemo,
Ho tlameha ho ba le mmaraka bakeng sa dihlahiswa tsa projeke.
Etsa hore ho be le tsebo le bokgoni ho tsa kgwebo, tsamaiso le taolo ya ditjhelete boemong ba selehae.
Ananela ntlha ya hore melemo ho tswa ho CBNRM e tla rarolla mathata ohle setjhabeng
Etsa bonnete ba hore ho na le melemo ya nako e kgutshwanyane e tlang ho kwala sekgeo pele melemo ya sehlooho e qala ho hlahella, diprojekeng tsa CBNRM mosebetsi o mongata oo hangata o hlokehang pele melemo ya sebele e ka unwa. buisana le mekgatlo e fanang ka ditshehetso tsa ditjhelete bakeng sa ?ditjeho tsa ho tsamaisa mosebetsi?, ho lefella mehato e qalang ya projeke.
Bao ba intshang sehlabelo ka ho fetisisa kapa ba nyehela ba tshwanela ho fola molemo ho feta ba bang.
Tiisetsa batho melemo e itseng eo eseng ya tjhelete, jwalo ka tshehetso le tshireletso ya semolao ya dibaka kgahlanong le ditshoso tse tswang ka ntle, tshehetso ya setekgeniki, tjhelete le sepolotiki bakeng sa mesebetsi ya moshwelella ya matla a bakeng sa baahi ho ba thusa ho laola dibaka le mehlodi ya bona ka katleho ; ditshebeletso tsa tsamaiso ya mesebetsi ; bokgoni ba ho kadima tjhelete le dithuso tse ding tsa thepa ya ho etsa mosebtsi ; thuso bakeng sa ho kena kgwebisong le lekala la poraevete
O SE KE WA:
Phahamisa ditebello tse ke keng tsa phethahala mabapi le melemo
Itshetleha hodima tshehetso ya tsa nako e telele ya ba fanang ka dinyehelo bakeng sa ho tsitsisa tshwaro ya hao ya dibuka.
Sebedisa CBNRM haeba ho hlakile hore maano le mesebetsi ya mekgatlo ya mmuso ha e tshehetse dipehelo tsa CBNRM
Nka hore baahi ba tla nne ba dumellana le maano a ho se fane ka melemo ya tjhelete ao ba ralang maano a paballo ao ba a behang mefuteng e itseng ya mehlodi kapa tikoloho.
Qala mokgwa wa bonamodi o itshetlehileng tebellong ya katleho e ke keng ya nka nako e telele.
Ho na le dipholisi le melao e sebetsang, e kentswe tshebetsong mme taolo e behilwe boemong bo tlase-tlase moo matla a leng teng
Etsa hore pholisi e akaretse tsohle, e kgone ho ikamahanya le maemo a ditaba mme e kgone ho feto-fetoha ebang ho hlokeha. Etsa monyetla wa ho nka karolo ho tloha qalong ya mosebtsi wa ho ntshetsa pholisi pele. Ho lokela ho ba bobebe ho kenya dipholisi tshebetsong mmoho le ho di hlophisa ka nepo ho ya ka boiphihlelo.
Ditokomane tsa pholisi di tlameha ho utlwisiseha ha bobebe mmoho le ho fihlelleha ha bobebe. Boloka dintlha tsa sehlooho di le bobebe.
Hlahisa dipholisi tse batsi boemong ba naha le ba provense, tse tla fana ka motheo oo ho tlang ho ahwa hodima ona.
Hokela dipholisi tsa selehae morerong wa IDP mme o fe makgotla a puso ya selehae monyetla wa ho nka karolo
Qaqolohanyetsa ho kenngwa tshebetsong ha mosebetsi boemong bo tlase-tlase ba puso moo matla a leng teng: bahlanka ba makgotla a puso, ya selehae a lokela ho rupellwa hore ba tle ba kgone ho fana ka thuso e hlokehang nakong eo setjhaba se hlophisang ditshisinyo tsa diprojeke.
Lefapha ka leng le tlameha ho etsa bonnete ba hore ho ikamahangwa le melao, dipholisi mmoho le ditumellano tse kenetsweng boemong ba selehae. Mafapha ana a boetse a tlameha ho laola mosebetsi wa bahlanka kapa basebetsi ba ona.
Dipholisi di tlameha ho sebetsa ka matla. Diqoso tsa mefuta e fapaneng di tlameha ho ba boima moo tlolo ya molao e etswang teng. E fa bahlanka ba boemong bo tlase-tlase monyetla wa ho inkela diqeto ha ba sebedisa molao. Maemo ao diqeto di tlamehang ho nkuwa ho ona ha a tshwane.
Etsa hore baahi ba utlwisise tsohle ka botlalo pele taolo ya mehlodi ya tlhaho e ka fetisetswa ho bona. Hona ho tlameha ho akaretsa: ho kenya tshebetsong lekgotla la tsamaiso le kgethilweng ke, ho kenya tshebetsong setheo sa ketsamolao jwalo ka lekgotla la tshebedisano mmoho poloko ya thepa ka kopanelo (Trust), khampani ya Poloko ya Thepa ka kopanelo, kapa khampani ya karolo ya 21 e tshwereng matla a taolo le tsamaiso a boemong bo mahareng mme e ena le mekgwa e sebetsang ya taolo ya mosebetsi. Etsa hore ho be teng monyetla wa thuso ya setekgeniki e tswang ka ntle ho thusa setjhaba ho kenya mosebetsi ona tshebetsong.
Theha letlole la thupello ya cbnrm sepheo e le ho ntlafatsa bokgoni le tsebo ya baahi, hore ba kgone ho laola mehlodi ya bona, esitana le ba bang ba amehang ho kenyeletswa le makgotla a bo masepala, hore ba dule e le karolo ya morero ona.
Tlosa ditshitiso tsohle pakeng tsa mekgatlo ya kemedi (agencies) kapa o ahe marokgo ao ka ona ho tla tshelwang ditshitiso tseo. Mokgatlo ka mong wa kemedi o tlameha ho hlalosa mosebetsi wa ona tshebedisong e kopanetsweng ya mobu mme o hlakise hore na o tla etsa mosebetsi wa ona jwang. Mekgatlo ena e tlameha ho bula dikgeo tse ikgethang tsa mosebetsi wa CBNRM maemong a fapaneng mme e fane ka thupello e nepahetseng mmoho le tshehetso ya tjhelete bakeng sa morero oo. Dihlopha tsa mekgatlo e fapaneng ya kemedi ya CBNRM di tlameha ho thehwa boemong emong ba naha esitana le ba diprovense.
Batla tshehetso bakeng sa CBNRM botsamaising bo ka hodimo mmoho le boemong ba tsa dipolotiki, mmusong le lekaleng la poraevete. Ho bohlokwa ho laola ka nepo tlwaelo ya ho hana ho amohela maano le maikemisetso a pholisi ya CBNRM ke ba bang ba bahlanka. Bosiyo ba tshehetso ho tswa ho ba okametseng bo ka thatafatsa ditshitiso diphetohong le ho feta.
Fumana lesedi le nepahetseng pele o saena ditumellano semolao. Kgonahalo ya ditumellano tsa karolelano ya melemo ya moruo le ya tlhaho, ho laola mosebetsi ka kopanelo le phetiso ya mobu le thepa e tlameha ho ba e sa belaetseng.
Hlwaya dipholisi tse etsang hore setjhaba se ntlafatse melemo ya sona ya ditjhelete ho tswa ho CBNRM. Etsa bonnete ba hore ho ikamahangwa le maikemisetso ana.
Fana ka ditataiso bakeng sa hore indasteri e kgone ho fihlella dihlahiswa tsa tlhaho, ka tshebedisano mmoho le baahi. Sebedisana mmoho le di yuniti tse tsamaisang ntshetsopele ya dikgwebo tse matsohong a setjhaba.
O SE KE WA:
Tsepamisa maikutlo haholo meralong ya tshebetso le diprojeke tsa tsamaiso tse qaqolohaneng. Morero o akaretsang o a hlokeha o nang le dikarolo tse matla haholo.
Sebeletsa ho kopanya mosebetsi:,ditataiso di tlameha ho fumana teka-tekano pakeng tsa phano ya sebaka bakeng sa bolokolohi le ho etsa bonnete ba hore mosebetsi o qalwa boemong bo tshwanang ka melao e tshwanang le ka puo e tshwanang.
Tadima projeke ka nngwe e le e ikgethang, e ikemetseng ho ena le ho di tadima jwalo ka ha eka ke ditho tsa lenaneo le tswellang le kopantsweng la CBNRM, boemong ba setereke, porovense mmoho le ba naha.
Ho na le tsamaiso e hlokolosi e bile e e ena le boikarabello ho tswa ka ntle
Etsa bonnete ba hore tsamaiso ya maemo a phahameng haholo e a fumaneha. Hona ha ho a tlameha ho etsahala feela qalong ya mosebetsi, empa ka nako e telele. Tsamaiso ya mosebetsi e ka etsahala ka tshebedisano mmoho le ?molekane?(ka mokgwa wa mokgatlo oo seng wa mmuso ?NGO), motsamaisi ya ikemetseng wa mosebtsi kapa lefapha la mmuso.
Kenya tshebetsong tjhebelo pele ya baahi. Ebe le dumellana ka mokgwa wa tshebetso o tshehetswang ke ba-nka karolo bohle hore le sebeletse ho phethahatsa maikemisetso ana.
Mosebetsi o etswe ka potlako molemong wa ntlafatso ya tshepano pakeng tsa bohle ba amehang.
Dula o behile mosebetsi leihlo, mme o kenye tshebetsong mokgwa wa tshebetso le matla a tshebetso ya bona ha merero e ntse e fetoha.
Sebedisa dithusa thuto tse bontshang ditshwantsho ka bongata kamoo o ka kgonang. Dimmapa, divideo, ditshwantsho le maeto a thuto a bohlokwa haholo ho bohle ba nkang karolo, eseng feela batho ba sa rutehang.
Tsepamisa maikutlo haholo hodima phapang e teng puong le botjhaba pakeng tsa ba nkang karolo. Ba-nka karolo ba fapaneng ba lokela ho ikutlwa ba phutholohile ho hlahisa maikutlo ka puo eo e leng ya bona mme hangata hona ho tla hloka phetolelo.
Phema ?melaetsa?e ka fanang ka mohopolo wa hore batho kapa dihlopha tse ding di okametse tse ding. Hona ho kenyeletsa lebitso la morero, mabitso a filweng bo mpodi ba fapaneng le matshwao a bontshang tshekamelo, mohla: bodulo, dijo le tlhophiso ya ditulo, moaparo o aperweng ke batsamaisi ba mosebetsi le bahlanka, boitshwaro le dipalangwang tse sebediswang.
Kgothaletsa batsamaisi ba mosebetsi hore ebe banamodi ba boele ebe barupelli.
E fa baahi monyetla wa ho tsamaisa merero boemong ba selehae, jwalo ka dikopano tsa dikomiti tse nyenyane le dihlopha tsa tshebetso.
Theha metjha ya dikgokahano pakeng tsa hao le batsamaisi ba sebetsang dibakeng tse ding. Mathata a tshwanang a atisa ho ama dibaka tse fapaneng.
Hlokomela hore ho bua feela ka ho nka karolo mererong ena ho ka etsa hore batho ba lebelle tse kgolo. Maemo ana a ditaba a ke ke a thibelwa mme, a lokela ho tliswa tlasa taolo ho tloha qalong ya mosebetsi. Mananeo a thupello le ona atisa ho phahamisa tshepo ya hore batho ba tla fumana menyetla ya mosebetsi.
Ikemisetse ho ba karolo ya morero ka nako e telele.
O SE KE WA:
Kgobakanya setjhaba nqa e le nngwe. Hona ho lebisa kgohlanong a sa hlokeheng. Setjhaba se dula se ntse se itlhalosa ka tsela tse fapaneng ho ya ho ile, mme dibakeng tsohle setjhaba se na le dikarolwana tse nang le ditlhoko le ditabatabelo tse fapaneng.
Romela batsamaisi ba mosebetsi ba nang le bokgoni dibakeng tse ding hang feela ha ba qala ho ba le tlhahiso e bonahalang.
Fedisa boetapele ba selehae ka ho sebdisa batsamaisi ba mosebetsi ho tlola tekano.
Dikamano tsa matla boemong ba selehae di na le menyetla bakeng sa CBNRM mme, di a utlwisiswa
Lebella hore ho fetisweng ho fe kapa hofe ha matla ho na le kotsi ya hore sehlopha se setjha sa ba phahameng (Elite) se tla hlahella se tlang ho sebedisa matla ana molemong wa ithuisa. Hona ho ka nna ha etsahala hara ba lekgotla ba mmuso kapa setjhabeng dikomiting tsa phethahatso tsa mekgatlo ya baahi.
Kenya mekgwa ya ho sebetsana le tlwaelo ya ho inkela matla ka sheshe ka hare ho dibopeho tsa mekgatlo e fapaneng ya botsamaisi.
Etsa bonnete ba hore baemedi ke ba nnete mme ha se ba ipehileng ka bo bona. kenyeletsa molaotheong ntlha ya baemedi ba tlamehile ho iteanya le dihlopha tseo ba di emelang. Baemedi ba lokela ho fuwa nako ya ho etsa jwalo.
Phahamisa lenane la baemedi. Mekgatlo ya selehae e lokela ho emela bongata ba batho le dihlopha mme e lokela ho ela hloko ho se tshwane ho leng teng setjhabeng se itseng mmoho le ho se tshwane ho leng teng pakeng tsa sehlopha ka seng.
O hlokomele hore sebe le kgohlano ya ditabatabelo, mme o sebedise ditlhoko tsa setjhaba Etsa bonnete ba hore ba-nka karolo ba tseba hantle hore ditabatabelo tsa balekane ba bona ke dife.
E fa baahi ditokelo tse matla tsa semolao hodima mehlodi, e le hore ba tle ba kgone ho sebedisa molao ho sireletsa mehlodi ya bona kgahlanong le ba tswang ka ntle.
Hlokomela borakgwebo ba hlokang botshepehi .Lequlwana lena le nag le ditho ka hara le ka ntle ho setjhaba sa lehae le tlwaelehile le kotsi haholo tsamaisong e hlwahlwa ya mehlodi e laolwang ke setjhaba. Batho bana hangata ba matla mme ba atisa ho iphapanya melao ya taolo mme ka kgella beng ba mekgatlo ya sethaba fatshe.
Kgobokanya dintlha tsa nalane ya tshebedisano mmoho, hore o tle o utlwisise hore na ebe ho teng, kapa ho kile ha eba le kgohlano ya ho tseka matla mmoho le tsitsipano ya botjhaba le sepolotiki na.
O SE KE WA:
Lebella hore ho tla ba le tshebedisano mmoho e tsitsitseng ho tswa setjhabeng sa mahaeng ho feta dihlopheng dife kapa dife tse ding
Nka mahlakore moo ho nang le kgohlano ya ho tseka matla, dihlopha tsa mahata mmoho di ka fetoha neng kapa neng
Y a le kgongwana hodimo wa thetswa ke maikutlo a bonahalang a le matle qalong ya mosebetsi ka lebaka la tshepano setlamong mmoho le tshepo ya hore mosebetsi o tla atleha.
Ikemisetse ho aba matla a taolo le boikarabelo. Ho nka diqeto ka kopanelo mmoho le ho aba matla (eleng tsona ditshiya tsa CBNRM) ho bolela ho ?tlhela matla?le ho a beha matsohong a ba bang. Hona ho atisa ho lebisa sephethong se ebeng se sa lebellwa kapa hona ho ikemisetsa ho se fihlella. Ana ha se maikemisetso a mabe ho feta a mathomo empa, a ka tlisa phephetso e kgolo ho bao ba tlwaetseng ho ba bolaoding ka mehla.
Lekola le ho lebela ka dinako tsohle. Tekolo e lokelwa ho bonwa e le karolo ya bohlokwa ya mosebetsi ohle. Tlhahlobo e nepahetseng ya kgoneho ya katleho e tlamehile ho etswa pele morero ofe kapa ofe o ka thakgolwa mme maano a hlakileng a tlameha ho kenyeletswa moralong ofe kapa ofe wa morero wa CBNRM. Mokgwa wa tshebetso o tshwanela ho ba fa bohle monyetla wa ho nka karolo mmoho le ho fana ka lesedi,(ho tsebisa bohle ka phetoho efe kapa efe lenaneong).
Bua le bohle pontsheng, ka ho hlaka mme hona o ho etse kgafetsa, ho ya ho ile. Metjha e hlophisitsweng ya dipuisano e tlameha ho kenngwa tshebetsong hang ?hang mme le tlamehile ho ba le sebaka bakeng sa bao ba leng boemong bo sa hlophisehang semolao ba dipuisano.
Ikemisetse ho ikamahanya le diphetoho, tse bakwang ke maemo a feto-fetohang. Dula o le malala-a-laotswe bakeng sa tse sa lebellwang tseo eleng hore o ka nna wa se ke wa ba le taolo hodima tsona.
E ba hlwahlwa mme o dule o ikakgetse ka setotswana mosebetsing ka nako tsohle.Sena se tlameha ho ama dintlha tsohle ho kenyeletswa le ho ya dikopanong tsohle mmoho le ho ikamahanya le melao e meng ya boitshwaro eo ho dumellanweng ka yona, mmoho le tekolo ya mesebetsi le maikarabelo a batho.
Ela hloko manane tshebetso ao ba ka iketsetsang ona molemong wa bona ba le bang. CBNRM e mela batho le mehlodi ya tlhaho. batho bohle ba nale matla le mefokolo tshepo le maikemisetso, ditlhoko le ditabatabelo. Ho kopanya batho ba bangata ba fapaneng hore ba sebetse mmoho ho fihlella sepheo se itseng ke phepetso e kgolo haholo mme ha e ke be e e be bobebe. Merero yohle, haholo eo ho yona ho amehang tshehetso ya ditjhelete le tebello ya kuno, e leka batho hore ba be ba se ba sebleletsa ho ithuisa. CBNRM e tlameha ho ba sesebediswa sa ho fihlella ditabatabelo tsa motho ka bo yena kapa tsa sepolotiki molemong wa batho ba itseng kapa dihlopha tse itseng lekaleng lefe kapa lefe.
O tlameha ho le mamello e kgolo. Lebella hore participatory natural resource management e tla ba mosebetsi o lenama o eketsehang nako le nako. Ba fanang ka ditshebeletso tsa ditjhelete le mekgatlo ya mmuso ya tsamaiso ya mosebetsi ba hloka ho ellelwa hore mosebetsi wa ho hlalosa le ho ngodisa mekgatlo ya baahi le ho kenya tshebetsong ditheo tse hlwahlwa ke mosebetsi o lenama o bileng o le boima haholo, o ka nka dilemo tse ka bang 10 ho o phetha mme o bileng o le hloka maikemisetso a nako e telele le tshehetse e tswellang.
Hlompha ditumelo tsa baahi. Nkela nalane, tumelo le mekgwa e fapaneng ya botjhaba le mmetlo hloohong mme o se ke wa lebella hore baahi ba tla ikamahanya le mekgwa ya sejwale-jwale ya ho etsa dintho. O utlwisise mekgwa le melao ya boitshwaro ya baahi mme o hlomphe ditheo tsa setso tsa puso moo di amohelehang teng. Hlompha mekgwa ya baahi ya tsamaiso empa ka mehla o etse bo nnte ba hore mekgwa ena e amohelehile semolao.
Etsa bonnete ba hore ho be le tshepano mme o sebetse ka thata ho e boloka e phela.
Hodisa le ho baballa bo mpodi, baetapele, baemedi le bahlokomedi, ba mesebetsi, mekgatlo tlhaho, kelello le tsebo e sebetsang ho CBNRM. Aba boikarabelo mme o fe baetapele ba sa ntsaneng ba hola monyetla wa ho itshupa.
Hlokomela le ho tshireletsa mehlodi ya tlhaho. Hang ha mehlodi e se e le siyo, ha ho CBNRM. Tsetela haholo melaong ya boitshwaro le leano la tsamaiso le leano la tsamaiso le tshehetswang ke bohle. Sebetsa mmoho le balekane ba hao ho hodisa leano le phethahetseng la tsamaiso bakeng sa mehlodi. Kopanya kutlwisiso le tsebo ya batho ya mehlodi le lesedi ho tswa ho balekane ba hao, sepheo e le ho rala leano le hlakileng le bileng le ka sebediswa ha bobebe la tshebetso. Kenyeletsa melao eo ho dumellanweng ka yona mabapi le tshebediso ya mehlodi leanong lena. O boele o kenyeletse mokgwa oo ka ona ho tlang ho laolwa tshebediso le maemo a mehlodi. O tlameha ho nka karolo dintlheng tsohle tsa ntshetsopele le ho kengwa tshebetsong ha leano lena mmoho taolong ya mosebetsi.
Sebetsa le batho ba bangata ka hohle ka moo o ka kgonang.Ho bohlokwa haholo hore mantswe ohle a utluwe mme a emelwe mehatong yohle, haholo dihlopha le batho ba fokolang, ba lokela ho kgothaletswa ho kenya letsoho ka ho hlahisa maikutlo a bona. O ele hloko dihlopha le batho ba matla ba lekang ho sebedisetsa merero ena ho ithuisa. Ho bohlokwa ho fumana hore na ke bo mang ba amehang tshebedisong ya mehlodi ya tlhaho. Nyehelo ya bona ke ya bohlokwa haholo mme ditabatabelo tsa bona di tlameha ho emelwa ka tshwanelo.
Sebedisa mokgatlo wa kemedi o matla o bile o tshepahala (jwalo ka komiti) ho emela baahi. Haeba ho le teng mokgatlo o matla jwalo ka setlamo sa ntshetsopele (Development Trust), mme o etsa mosebetsi o motle o ka hla wa sebedisa ona. Haeba o le siyo, o tla tlameha ho kgetha batho ba tshepahalang, nba sebetsang ka thata mme ba ikemiseditse ho tswa makaleng a fapaneng setjhabeng ho etella mosbetsi pele lebitsong la setjhaba.
O hlalose ka botlalo se lebeletsweng le se hlokwang hore morero o se phethwe. Kenya tshebetsong mohopolo o hlakileng wa se lebeletsweng, empa o tsepame mabapi le melemo e ka nnang ya unwa. Etsa hore balekane bohle ba tswang ka ntle ba utlwisisa le ho arolelana mohopolo ona le wena. O hlokomele hore mehopolo ya hao e se kgellwe fatshe ke balekane ba bang.
O hlokomele hore ho teng mefuta e fapaneng ya melemo le hore e meng ya yona ke ya nako e kgutshwanyane ha e meng e le ya nako e telele. Boholo ba batho bo tla ba le thahasello ya ho fola melemo ya tjhelete ka kotloloho, hang-hang. Melemo e meng e kenyeletsa maemo a ntlafetseng a bophelo, ntlafatso ya bokgoni le boqhetseke (tsebo ya mosebetsi wa matsoho le ho ba serutehi), tshebedisano mmoho setjhabeng le makaleng a mang, mmoho le menyetla e ntlafetseng ya boiphediso. Melemo e ka unwang ho tswa mmusong, bafani ba dinyehelo, kapa tshehetso e tswang mekgatlong eo e seng ya mmuso (NGOs) e kenyeletsa : tshireletseho ya ya ka nako e telele le ditokelo tsa mehlodi le mobu, tshireletseho kgahlanong le ditshoso tse tswang ka ntle, thuso dipuisanong tsa kgwebisano le lekala la poraevete. Ke na dipuisanong bakeng sa melemo ena mme o etse bonnete ba hore bohle ba e utlwisisa ka botlalo projeke e sa ntsane e qala.
Ananela ntlha ya hore melemo e tswang ho CBRNM e ke ke ya rarolla mathata ohle a setjhaba. CBNRM e ka kgona ho fana ka menyetla e mmalwa feela ho thusa batho hore ba fihlilele ditlhoko tsa bona. E tlameha ho nkuwa e le monyetla wa tlatsetso mekgweng eo baahi ba iphedisang ka yona. Batho ba lokela ho kgothaletswa ho tswelapele ka mesebetsi ya bona e fapaneng le hore ba se ke ba itshetleha haholo hodima melemo e tswang ho CBNRM.
Bao ba intshang sehlabelo se seholo kapa ba kenya letsoho, ba lokela ho una molemo ho feta ba bang. Bao ba tlang ho lahlehelwa haholo ka mekgwa tsela eo CBNRM e fetolang mekgwa ya bona ya tshebediso ya mehlodi, ba lokela ho tshetswa hore ba kgone ho fumana ditsela tse ding tsa ho kenya tjhele. Ba ka nna ba boela ba fumana ditlhapiso tse itseng (mohlomong ba fumantshwa mosebetsi projekeng) Haeba setjhaba sohle se tlameha ho nka karolo, baahi bohle ba tlameha ho una molema. Batho ba bang ba nne ba une molemo ho feta ba bang ka mehla, ha ngata ka ho fumantshwa mosebetsi ka ditsela tse itseng. Baahi ba nyehelang ho feta ba bang ba ka lebella ho una molemo ho feta ba bang. Ntlha ena ho tlameha hore ho buisanwe ka yona mme ho dumellanwe ho tloha qalong ya ditaba, ka ha e ka baka morusu ebang e ka tlohelwa ho fihlella ha morao
Lebella tsitsipano le qhwebeshano. Sehlopheng sefe kapa sefe sa batho, haholo moo tjhelete e amehang kapa moo dipehelo di behwang hore na batho ba tla sebedisa mehlodi ka tsela efe, qhwebeshano e atisa ho ba teng. Itokisetse ho tobana le le maemo ana mme o leke ho a rarolla pele a etswa taolong. Ho a thusa ho ba le mokgwa wa dipuisano o bulehileng o bile o fa batho monyetla wa ho hlahisa maikutlo le ditletlebo tsa bona. Tsena di tlameha hore ho buisanwe ka tsona pontsheng ka nako tsohle mme di arabelwe katsela tse nepahetseng.
Etsa bonnete ba hore bohle ba tseba boikarabelo ba bona morerong ona mmoho le seabo seo ba lokelang ho ba le sona. Tshwara dikopano kgafetsa ho etsa bonnete ba hore emong le emong o tseba kamoo a tshwanetseng ho nyehela ka teng morerong ona, le hore o etsa seo ho dumellanweng ka ka sona. Rala tokomane ya molaotheo le dintlha tsa tataiso bakeng sa mesebetsi e fapaneng mosebetsi o sa ntsane o qala.
Sebedisana le mmoho le baahi mmoho le balekane ba tswang ka ntle. Ho tlameha ho ba le motjha o phethahetseng wa dipuisano pakeng tsa bohle ba amehang ka dinako tsohle. Hodima dikopano tse hlophisitsweng ka tshwanelo, baemedi ba sehlooho ba setjhaba ba lokela ho fumaneha neng kapa neng ho baahi ba bang le ba balekane. Hona ho tla thusa ha ho sebetsanwa le mathata kapa diketsahalo tse hlahellang botjha, hang ha di etsahala.
Ananela ntlha ya hore ho tla nka nako pele ho unwa melemo ya sehlooho. Diprojekeng tsa CBNRM mosebetsi boholo o atisa ho hlokeha pele melemo ya nnete e ka unwa. Mosebetsi wa bohlokwa wa baemedi ba setjhaba ke ho boloka setjhaba se kgothetse mme se ikakgetse ka setotswana, le ha ho ntse ho se melemo ya tjhelete e hlahisitsweng. Ka nako yona eo buisana le mmuso le balekane ba bang bakeng sa melemo e ka fumanwang ka nako eo.
Etsa bonnete ba hore batho ba tseba hore na mobu le mehlodi ya bona e ameha jwang pholising ya naha mmoho le le ya matjaba. Kopa thuso ho balekane le mekgatlong e fapaneng ka ditshehetso ho fihlella sena. Batho ba boetse ba lokela ho tseba dipholisi tsa mmuso mabapi le mehlodi ya tlhaho le tshebediso ya yona mmoho le taolo le tsamaiso ya yona. Batho ba tlameha ho utlwisisa hore na nyehelo yabona e ameha jwang mokgeng o moholwanyane wa CBNRM ka hare ho naha, Afrika mmoho le lefatsheng ka bophara.
Boloka menyetla ya hao ya boikgethelo e bulehile mme o hodise le ho phapano maemong ohle. Lethathama la mehlodi e ka sebediswang mefuteng e fapaneng ya mesebetsi e nyehelang ho CBNRM le mehlodi e mengata e fapaneng ya kuno ya malapa di thusa setjhaba ho tswela pele ka bophelo. Dintlha tsena di boetse di ba thusa ho iphumana ka morao ho diphetoho tseo ba neng ba sa di lebella tsa sepolotiki, moruo le tlhaho, ka ha mahe a bona ha a ka hara seroto se le seng.
Laola mehlodi ya tlhaho ka hloko.?Mohlodi wa mehlodi ya tlhaho?ke mokokotlo wa CBNRM. Ebang mohlodi ona o ka fediswa CBNRM e ke ke ya kgona ho ho nka karolo. Fumana lesedi le tshepahalang mabapi le dipaterone tsa mehlodi ( ke hore na e sebedisetswa eng, ke mang ya e sebedisang, e sebediswa ha kae, makgetlo a makae jwalo- jwalo.) mmoho le bokgoni ba tlhahiso ya diphedi pele ho ka kenwa ditumellanong. Tsetela karolo e bonahalang, e bileng e nepahetse ya kuno tsamaisong ya mehlodi. Ho bonahetse hore 10-20% ya kuno e atisa ho ba le molemo. Tjhelete eo e leng yona ya sebele e tla itshetleha maemong a ditaba.
Theha mekgatlo ya baahi. Hore o etse bonnete bo matla ba hore setjhaba se ithuela mehlodi, mokgatlo wa baahi o tlameha ho aba mosebetsi wa tsamaiso le ho nka diqeto. O sebedise mekgatlo e leng teng ho ena le e metjha. Empa o nke diqeto tse nang le lesedi le phethahetseng mme o se senye maikemisetso a CBNRM, haeba mekgatlo e metjha e hlokeha. Mokgatlo ona o tla hloka tshehetso e nepahetseng mme hangata le thupello ho phetha mosebetsi ona. O tla hloka ho hodiswa hantle. O hlokomele hore kaho ya matla ke mosebetsi wa nako e telele ka mehla.
Etsa bonnete ba hore CBNRM e hlahisa melemo ya nnete hona jwale le nakong e tlang molemong wa baahi. Etsa bonnete ba hore melemo e tobang ya baahi e dumellana le ditjeho tsa ho baballa le ho laola mehlodi ya tlhaho. Baahi ba phela bophelo bo potlakileng mme mobu o a haella. Ba ke ke ba tsetela ka nako, mobu le mehlodi e meng ya CBNRM ntle le haeba ho na le melemo e meng e tobang e bile e hlakile. Etsa bonnete ba hore ho na le mmaraka bakeng sa thepa e hlahiswang ke CBNRM. Kennya tshebetsong maano a hlakileng a projeke. Leano le tlameha ho araba dipotso tsa taolo ya boleng, botsitso kapa thepa e fumanehang sehleng se itseng fela.
Lebella hore ho tla ba le diphapa-phapano tse kgolo mosebetsing ka mong mme o laole maemo a mang le a mang a ditaba ka ho ikgetha. Kenya tshebetsong melao ya baahi le mekgwa ya boitshwaro, ditsela tsa ho etsa dintho ka ho dula o ithuta le ho tlwaela melao. Empa o hlokomele dipholisi le maano a tshebetso a naha, a provense le a selehae mme o a sebedise molemong wa hao. Ha ho melao e tlamang ho CBNRM. Sebedisa seo o ithutileng sona nakong e fetileng mme o laole maemo kgafetsa.
Rala leano la taolo. Qala ka leano entsweng lapeng le melao, kapa molaotheo mme o ahe hodima yona. Fumana keletso e ikgethang empa o etse bonnete ba hore leano le dumellana le ditlhoko tsa baahi.
Sebedisa batsamaisi ba mosebetsi ba nang le tsebo mmoho le hatshehetsi le baeletsi bao o ka ba tshepang ka hohle-hohle. Maikemisetso a ho qetela a merero ya CBNRM ke ho atleha ntle lle thuso ya ka ntle empa, hona ho ka nka nako e telele. Maemong a mang ditshebeletso tse ikgethang di ka nna tsa fumanwa ho tswa ka ntle, tse kang tsa papatso. Hona ho a etsahala maemong a mangata a kgwebo.
Etsa bonnete ba hore batho ba nepahetseng ba nka karolo ho CBNRM. Sebedisa batho ba nang le bokgoni, maikemisetso, le kelello e batsi, ba ka kgonang ho sebedisana le batho ba bang ha bobebe. Emong le emong ( setjhaba, mmuso, batshehetsi). O tlameha ho hira mpodi bakeng sa mosebetsi ka mong wa bohlokwa. Eketsa sehlopha sa baetapele ka ho fa batho ba nang le boiphihlelo maikarabelo le thupello.
Lebella kgohlano le ho tsekwa ha matla mme o be le maano bakeng sa hona nako e sa dumela. Ho tsekwa ha matla boemong ba selehae ho itlhahisa hang ha ho ena le melemo e ka unwang mme setjhaba se a arohana. Sebetsana le kgohlano e sa le nako.
Theha setlamo le balekane ba ka ntle mme o sebetse ka thata hore ba se o phonyohe. Sebetsa le mekgatlo e meng mmusong le lakaleng la poraevete mme o ba fe monyetla. Etsa bonnete ba hore le bona ba una molemo ka ho sebetsa le wena, empa o hlokomele hore hona ho ka baka mathata. Haeba balekane ba ameha dintlheng tsa motheo tsa mosebetsi tse jwalo ka ho kotula mehlodi, sebetsa le bona mme o laole le ho beha mesebtsi ya bona leihlo.
Etsa ditekanyetso tse nepahetseng. Nako le tjhelete e eketsehileng e a hlokeha ho etsa hore tshebedisanommoho e atlehe. Ho laola mosebetsi ka kopanelo ho qosa tjhelete e ngata mme ho nka nako e telele ho feta tsamaiso e tlwaelehileng empa ke yona e sebetsang ka katleho. Molemo wa bohlokwa-hlokwa ke hore taolo e fapaneng mme e thusa ka ho kopanya dintlha tse ngata tsa CBNRM.
Tshepahala. Nka nako dipuisanong mme o leke ho fumana tharollo tse nepahetseng. Empa o se ke wa ba bonolo haholo ho dihlopha tse nang le seabo. Ba tsebise maikutlo a hao, maano le mekgwa ya tshebetso mme o a hlahise ho bohle hang hang. Kgothaletsa ponaletso, ho botsa dipotso le dingangisano ka nako tsohle. Etsa bonnete ba hore o fumana dikarabo ho tswa ho bohle bao eleng ditho tsa setlamo bakeng sa maano ka moso.
Etsa hore pholisi akaretse bohle mme e ikamahanye le maemo a a ditaba. Sebetsa mmoho le setjhaba e sa le nako ntlafatsong ya ya pholisi. Etsa matsapa a ho kenyeletsa tsebo le bokgoni ba baahi, ba boholo-holo ka hare ho dipholisi moo ho hlokehang. Dipholisi di tlameha ho kgona ho amohelwa le ho ntlafatswa ho itshetlehilwe maemong a nako e fetileng.
Dipampiri tsa dipholisi di tlameha ho utlwisiseha ha bobebe mme di fumanehe habobebe. Etsa hore dintlha tsa bohlokwa ?hlokwa di utlwisisehe ha bobebe. Se ke wa sebedisa mantswe a thata.
Kenya tshebetsong dipholisi tse akaretsang mme di le batsi maemong a naha le a diporovense tse tlang ho ho ba motheo oo melao e tlang ho ahwa hodima ona. Hokela dipholisi tsa baahi morerong wa IDP mme o sebedisane mmoho le makgotla a taolo a baahi. makgotla a taolo ya baahi le merero ya IDP e fana ka motheo wa ho kopanya mosebetsi wa setjhaba. Ka mora moo efa baahi monyetla wa ho etsa melao ya bona, ba sebedisa tsebo le meetlo ya baahi.
Ikemisetse ho qetella o fetiseditse taolo ho basebedisi ba mehlodi ka bo bona, hang ha ba se ba fumane thupelo e hlokehang. Efa batho tshireletseho ya nako e telele le ditokelo tsa mehlodi le mobu. Batho ba tlameha ho tseba hore na ntlha kemo ya bona ke efe le hore na ba ka lebella melemo efe pele ba ka tsetela nako le tjhelete tsamaisong ya mehlodi ya bona.
Kenyeletsa ba-nka karolo bohle boemong ba selehae ba ka bang le tshusumetso morerong kapa ba amehang morerong. Ananela karolo e bapalwang ke baetapele ba setso dibakeng tse ba nang le tshusumetso ho tsona
Lefapha ka leng le tlameha ho etsa bonnete bahore ba ikamahanya le melao, dipholisi le ditumellano tsa baahi. Mafapha a boetse a tlameha ho laola mosebetsi wa bahlanka ba mafapha.
Dipholisi di tlameha ho sebetsa. Diqoso le dikahlolo tse ding di tlameha ho kenngwa tshebetsong ha ho etswa tlolo ya molao. E fa bahlanka ba maemong a tlase-tlase monyetla wa ho inkela diqeto ha ba sebedisa molao. Ananela ntlha ya hore maemo a fapane.
Bopa maemo a hlakileng bakeng sa batho ba sebaka, pele taolo ya mehlodi ya tlhaho e ka fetisetswa ho bona. Hona ho kenyeletsa ho kenya tshebetsong lekgotla la tsamaiso, ho ba le mokgatlo wa semolao jwalo ka setlamo kapa Trust Common Property Associate kapa khampani ya karolo ya 21 e bontshang bonyane maemo tsamaiso a matla, e nang le mokgwa wa taolo o sebetsang. E fa balekane ba ka ntle monyetla le tshehetso ya setekgeniki ho thusa setjhaba ho qala mosebetsi.
Aha bokgoni. theha letlole la thupello la CBNRM, ho tswela pele ka ho ntlafatsa bokgoni ba hore ho tsamaisa mehlodi ya bona mmoho le balekane ba bang ho kenyeletswa le masepala hore ebe karolo ya mosebetsi.
Tlosa ditshita pakeng tsa mekgatlo ya kemedi, kapa o ahe marokgo ao ho tla tshelwang ditshita tseo ka ona. Mokgatlo ka mong o tlameha ho hlalosa mosebetsi wa ona tshebedisong e kopantsweng ya mobu, mme o hlakise hore na o tla nyehela jwang. Mekgatlo ya kemedi e tlameha ho theha menyetla mesebetsi ya CBNRM mananeong a fapaneng le fana ka thupello e nepahetseng le tshehetso ya ditjhelete. Dihlopha tse sebetsang ka kopanelo tsa CBNRM di tlameha ho ba thehwa boemong ba naha le ba diporovense.
Fumana lesedi le nepahetseng pele o saena ditokomane. Kgoneho ya katleho ya moruo le tlhaho, ditumellanong tsa karolelano ya melemo, tsamaiso e kopanetsweng le phetiso mobu le thepa e enngwe e tlameha ho se belaetse.
Bebofaletsa setjhaba ho uneng molemo wa tjhelete ho tswa ho CBNRM. Mehlala e kenyeletsa: Ho dumella ho fetisetswa ha tehpa e ka rekiswang setjhabeng; ho dumella di laksense hore di rekisetswe batho ba bang jwalo ka lekala la poraevete, tlasa dipehelo tse itseng ho nyehlisa melao e amang taolo ya ditjhelete bakeng sa dihlopha tse itseng, haholoholo bao ba sa kgoneng ho bua Senyesemane ka nepo.
Tiisetsa batho melemo e itseng e seng ya ditjhelete, jwalo ka tshehetso le tshireletseho ya semolao kgahlanong le ditshoso tse tswang ka ntle, ya setekgeniki, ya ditjhelete le ya sepolotiki bakeng sa tsamaiso e matsohong a baahi, kaho e tsitsitseng ya matla le bokgoni bakeng sa baahi, ho ba thusa ho tsamaisa dibaka tsa bona ka nepo; ditshebeletso tsa tsamaiso ya mosebetsi, phihlello ya dikadimo tsa ditjhelete le thepa e nngwe, thuso ka ho kena dipuisanong tsa kgwebo le lekala la poraefete.
